8. le tafole, le tsohle tsa yona; le sedulwana sa lebone sa kgauta e hlwekileng, le tsohle tsa sona; le aletare ya mokubetso,
9. le aletare ya setjheso, le tsohle tsa yona; le sekotlolo sa ho itlhatswetsa, le sedulwana sa sona;
10. le diaparo tse lohilweng, le diaparo tse halalelang tsa Arone, moprista, le diaparo tsa bara ba hae tsa ha ba sebeletsa e le baprista;
11. le ole e tlotsang, le mokubetso o monko o monate wa Sehalalelo. Ba tla etsa tsohle ho ya kamoo ke o laetseng kateng.”
12. Morena a boela a re ho Moshe:
13. “Wena o bue le bana ba Iseraele, o re: <Ruri le tla boloka Disabatha tsa ka, hobane ke sesupo pakeng tsa ka le lona, le meloko yohle ya lona, hore le tsebe hore ke nna Morena, mohalaletsi wa lona.
14. “ <Jwale le tla hlompha letsatsi la Sabatha, hobane le a halalela ho lona; ba le hlomphollang, ruri ba tla bolawa. Bohle ba etsang mesebetsi ka letsatsi leo, ba tla kgaolwa setjhabeng sa habo bona.
15. Ho ka sebetswa ka matsatsi a tsheletseng, empa letsatsi la bosupa ke la Sabatha, la ho phomola, mme le a halalela ho Morena. Bohle ba ka etsang mesebetsi ka letsatsi la Sabatha, ruri ba tla bolawa.