9. O se ke wa tjhesetsa mokubetso osele ho yona, leha e le sehlabelo sa setjheso, kapa nyehelo ya dijo; le nyehelo ya dino e se ke ya tshelwa hodima aletare eo.
10. Hang ka selemo, Arone o tla etsa sehlabelo sa tefelo ya sebe. Hodima manaka a aletare o tla tshela madi a tse hlabetsweng tefelo ya sebe. Tshebeletso ena ya tefelo ya sebe e tla etswa hang ka selemo, ho ya fihla melokong yohle e tlang, hobane ho Morena aletare ena e halalela ka ho fetisisa.”
11. Yaba Morena o bua ho Moshe, o re:
12. “Ha o bala bana ba Iseraele hore ba tle ba ngodiswe, motho ka mong wa bona a ntshetse Morena seabo se lopollang bophelo ba hae, hore a se ke a welwa ke sewa ha ba ntse ba ngodiswa.
13. Ba tla fana ka hona: bohle ba fetelang sehlopheng sa ba seng ba ngodisitswe, ba tla ntsha silefera e etsang boima ba dikeramo tse hlano le halofo motho ka mong, ho ya kamoo e balwang kateng Sehalalelong. Digera tse mashome a mabedi ke dikeramo tse leshome le motso o mong; jwale dikeramo tse hlano le halofo e tla ba seabo se ntshetswang Morena.
14. E mong le e mong ya kenang sehlopheng sa ba ngodisitsweng, ho tloha ka ya dilemo tse mashome a mabedi, ho ya hodimo, o tla fana ka seabo ho Morena.
15. Ha le ntshetsa Morena seabo se lopollang bophelo ba lona, morui a se ke a ntsha ho feta dikeramo tse hlano le halofo, le mofutsana a se ke a ntsha katlase ho dikeramo tse hlano le halofo.
16. O tla bokella tjhelete ena ya topolla ya bophelo, e ntshwang ke bana ba Iseraele, mme o e sebedise mererong ya Tente ya Morena; e tla ba eo Morena a tla hopola bana ba Iseraele ka yona, mme a lopolle bophelo ba lona.”
17. Jwale Morena a bua ho Moshe, a re: