Phallo 30:23-32 BIBELE (SSO89SO)

23. “Wena o inkele dinoko tse monate ka ho fetisisa: mira o metsi, oo boima ba wona e leng dikilo tse tsheletseng; le sinamone e nkgang hamonate, eo boima ba yona e leng halofo ya boima ba mmira oo, ke ho re dikilo tse tharo; le lehlaka le monko o monate, leo boima ba lona e leng dikilo tse tharo;

24. le kasia eo boima ba yona e leng dikilo tse tsheletseng, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong; le dilethara tse nne tsa ole ya sefate sa mohlwaare.

25. Ka tsena o etse ole e halalelang ya ho tlotsa, e tswakilweng ke setsebi. E tla ba yona ole e halalelang, e tlotsang.

26. Ka yona o tla tlotsa Tente ya Morena, le areka ya selekane;

27. le tafole, le dijana tsohle tsa yona, le sedulwana sa lebone, le tsohle tsa sona; le aletare ya mokubetso,

28. le aletare ya setjheso, le tsohle tse sebediswang ho yona; le sekotlolo sa ho itlhatswetsa, le sedulwana sa sona.

29. O di halaletse di tle di halalele ka ho fetisisa, mme eng kapa eng e tla di ama, le yona e tla halalela.

30. “O tlotse Arone le bara ba hae, mme o ba halaletse hore e tle e be baprista ba ka.

31. O tle o bue le bana ba Iseraele, o re: <Ena e tla ba ole ya ka e halalelang, ya ho tlotsa; meloko yohle ya lona e etse jwalo.

32. E se ke ya ba ya tshelwa mmeleng wa motho, mme le se ke la ba la iketsetsa e tshwanang le yona ka metswako. E a halalela, mme le ho lona e halalele.

Phallo 30