Phallo 29:23-28 BIBELE (SSO89SO)

23. O nke le senkgwa se le seng sa bohobe, le kuku e le nngwe e dubilweng ka ole, le moqathane o le mong; o di nke ka serotong sa bohobe bo sa lomoswang se kapele ho Morena.

24. Tsena tsohle o di nee Arone le bara ba hae, ba tle ba nyehele ka tsona, ka ho di akgotsa kapele ho Morena.

25. O tla boela o di nka matsohong a bona, mme o di tjhesetse aletareng, hodima sehlabelo sa setjheso se tjhesetswang Morena, se monko o monate, se amohelehang ho Morena.

26. O tla nka sefuba sa pheleu ena ya kgalaletso ya Arone, o nyehele ka sona ka ho se akgotsa kapele ho Morena, mme e tla ba seabo sa hao.

27. “O tla halaletsa sefuba seo o nyehelang ka sona, le sephaka seo sa seabo, e leng tse tswang pheleung ya kgalaletso ya Arone le ya bara ba hae.

28. Hona e tla ba molao wa mehla yohle, o tlamang bana ba Iseraele ho fana ka seabo ho Arone le ho bara ba hae. E tla ba seabo se tswang ho bana ba Iseraele, sa mahlabelo a bona a teboho, e leng seabo se etsetswang Morena.

Phallo 29