Phallo 25:24-30 BIBELE (SSO89SO)

24. O tla e maneha kgauta e hlwekileng, o e etsetse moqhaka wa kgauta o e potolohang.

25. O tla e etsetsa modimako o bophara ba seatla, o e potolohang, le moqhaka wa kgauta o potapotang modimako oo wa yona.

26. O tla e etsetsa mehele e mene ya kgauta, mme o hokele mehele eo dihukung tse nne tsa maoto a yona a mane.

27. Haufi le modimako ho tla ba le mehele e tla kgwesa mefeng e jarang tafole.

28. Ka dithupa tsa sefate sa mositsane o tla etsa mefeng, o e manehe kgauta, mme ke yona e tla jara tafole.

29. O tla e etsetsa mafiso, le mafiswana, le mepotjwana, le dinwelo tse sebediswang ha ho nyehelwa. Tsena di etswe ka kgauta e hlwekileng.

30. O tla bea bohobe bo halalelang tafoleng kamehla.”

Phallo 25