9. Jwale Moshe, le Arone, le Nadabe, le Abihu, le baholo ba Baiseraele ba mashome a supileng, ba nyoloha.
10. Ba bona Modimo wa Iseraele; tlasa maoto a hae ho le letlapa le kang la lejwe la safire, le hlwekileng jwaloka mahodimo.
11. Empa Modimo a se ke a otla mahosana a bana ba Iseraele, mme ha ba se ba bone Modimo ba eja, ba enwa.
12. Morena a re ho Moshe: “Nyolohela ho nna mona, thabeng, mme o dule teng. Ke tla o nea matlapa a lejwe, a ngotsweng Molao, le ditaelo tseo ke di ngotseng, ho ruta Baiseraele.”
13. Moshe a tsamaya le lehlahana la hae, Joshua, mme Moshe a nyolohela thabeng ya Modimo.
14. O ne a ile a re ho baholo: “Re emeleng mona, ho fihlela re kgutlela ho lona. Bo-Arone le Hure ba sala le lona; mang kapa mang ya nang le ditaba a ke a di hlahise ho bona.”