11. batho bao ba babedi ba tla hlapantshwa pela Modimo, ho fumana hore na ha a a ka a isa letsoho dinthong tsa e mong. Monga ntho o tla amohela tlhapantsho eo, mme a ke ke a buseletswa letho.
12. Haeba phoofolo ena e hlile e utswitswe ho yena, o tla buseletsa monga yona.
13. Haeba ruri e harotswe, o tla e hlahisa e le bopaki, mme a ke ke a lefiswa se harotsweng.
14. “Ha motho a adimile phoofolo ho e mong, eba phoofolo eo e hlaha kotsi, kapa e a shwa, monga yona a le sieo, ruri motho eo o tla e lefa.
15. Ha hona ho etsahala monga yona a le teng, eo a ke ke a e lefa. Empa haeba e ne e hirilwe, e tla lefellwa ka tjhelete ya kgiro ya yona.”
16. “Ha monna a robala le morwetsana ya sa qelwang, mme a mo senya, o tla mo ntshetsa bohadi hore e be mosadi wa hae.
17. Empa haeba ntata morwetsana a hana ho mo nea yena, o tla mo lefa ka tjhelete e lekanang bohadi ba barwetsana.
18. “Mosadi ya loyang o tla bolawa.
19. “Ya robalang phoofolo ruri a bolawe.
20. “Ya etsetsang medimo esele mahlabelo, o lokela ho timetswa.
21. “O se ke wa sotla kapa wa hatella mojaki, hobane le lona le ne le le bajaki naheng ya Egepeta.
22. “Le se ke la hlekefetsa mohlolohadi, kapa kgutsana.
23. Ha le fela le mo hlekefetsa, ruri ke tla utlwa sello sa hae, ha a ipiletsa ho nna.
24. Kgalefo ya ka e tla tuka, mme ke tla le bolaya ka sabole; basadi ba lona ba tla fetoha bahlolohadi, mme bana ba lona ba fetohe dikgutsana.
25. “Ha o adima mofutsana e mong wa setjhaba sa ka tjhelete, o se be jwaloka baadimani ba tjhelete, wa batla tswala ya yona.
26. Ha o nka seaparo sa e mong e se bea paneng, o tle o se busetse ho yena letsatsi le eso dikele,
27. hobane ke sona seaparo sa hae feela, ke sona se mo futhumatsang. A ka robala kang? Ha a ka ipiletsa ho nna ke tla mo utlwa, hobane ke mohau.
28. “O se ke wa nyefola Modimo, mme o se ke wa rohaka mmusi wa setjhaba sa heno.
29. “O se ke wa dieha ho nntshetsa karolo ya tseo di kotutseng, le tseo o di ritetseng ka morara.“O tle o nkgethele bana ba hao ba matsibolo.
30. O tla etsa jwalo le ka dikgomo tsa hao, le ka dinku tsa hao; matsibolo a tla nyanya ka matsatsi a supileng, mme ka letsatsi la borobedi o tla nkgethela wona.