Phallo 21:2-21 BIBELE (SSO89SO)

2. “Ha o reka lekgoba leo e leng Moheberu, le tla o sebeletsa ka dilemo tse tsheletseng, mme ka selemo sa bosupa le tla lokoloha le sa lefe letho.

3. Haeba le ile la tla ho wena le le inotshi, le tla tloha le le inotshi; athe haeba le tlile le mosadi, mosadi eo wa lona o tla tsamaya le lona.

4. Haeba monga lona a le nyadisitse, mme mosadi eo a le tswalla bara kapa baradi, mosadi eo le bana bao e tla ba ba monga lona, mme lona le tla itsamaela le le inotshi.

5. “Empa haeba lekgoba le bolela, le re: <Ke rata monga ka, le mosadi wa ka, le bana ba ka, mme ha ke rate ho lokoloha,>

6. monga lona o tla le isa moo ho rapelwang Modimo teng, mme a le atametse pela monyako, kapa pela kosene; jwale monga lona o tla le phunya tsebe ka elese, mme lekgoba lena le tla mo sebeletsa ho fihlela le eshwa.

7. “Ha motho a rekisa moradi wa hae hore e be lekgoba, moradi eo a ke ke a lokoloha jwaloka lekgoba la monna.

8. Haeba le sa kgahle monga lona, e leng yena ya ikgethetseng lona, o tla dumela hore le lopollwe, empa a ke ke a ba le matla a ho le rekisa ho baditjhaba, hobane o le thetsitse.

9. Ha a le nyadisa mora wa hae o tla le etsetsa moetlo o etsetswang barwetsana.

10. Haeba a nyala mosadi e mong, a se ke a le sekisetsa ka dijo, kapa ka diaparo, kapa ka ditokelo tsa lona tsa lenyalo.

11. Ha a sa le etsetse letho la tsena tse tharo, le tla itsamaela feela, le sa lefa tjhelete.”

12. “Ya otlang motho, mme motho eo a eshwa, ruri o tla bolawa.

13. Ha a ne a sa mo lalla, a mpa a mmolaile e se ka morero, ke tla o kgethela moo a tla balehela teng.

14. Empa ha e mong a tsohela motho e mong matla ka boomo, mme a mmolaya ka bolotsana, leha a ka balehela aletareng ya ka, o tla mo tlosa, a yo bolawa.

15. “Ya otlang ntatae kapa mmae, ruri o tla bolawa.

16. “Motho ya utswang motho e mong, ebang o a mo rekisa; kapa o fumanwa a sa le matsohong a hae, ruri eo o tla bolawa.

17. “Ya rohakang ntatae kapa mmae, ruri o tla bolawa.”

18. “Ha banna ba phehisana kgang, mme e mong a otla e mong ka lejwe kapa ka setebele, eba eo ha a shwe, o robala diphateng tsa hae feela;

19. haeba a ka tsoha, mme a tsamaya kantle, a ikokotlela ka molamu wa hae, ya mo otlileng a ke ke a fumanwa a le molato, feela o tla lefella nako eo a e dutseng a sa etse letho, a be a mo oke ho fihlela a fola.

20. “Haeba motho a otla lekgoba la monna, kapa la mosadi ka molamu, mme le shwela matsohong a hae, ruri lekgoba leo le tla phetetswa.

21. Empa ha le ka phela letsatsi kapa a mabedi, le ke ke la phetetswa, hobane lekgoba leo ke tjhelete ya hae.

Phallo 21