9. Jwale Morena a re ho Moshe: “Bona, ke tla ho wena ke le kahara leru le letsho, e le hore batho ba tle ba nkutlwe ha ke bua le wena, mme ba tle ba o kgolwe kamehla.” Moshe a bolella Morena mantswe ao setjhaba se a buileng.
10. Yaba Morena o re ho Moshe: “Eya ho setjhaba, o re se itlhwekise kajeno le hosasane; se hlatswe le diaparo tsa sona.
11. Se itokisetse letsatsi la boraro, hobane ka letsatsi la boraro Morena o tla theohela hodima thaba ya Sinai, moo batho bohle ba tla mmona.
12. O tle o beele setjhaba meedi e potapotang thaba, o re: <Hlokomelang le se ke la nyolohela thabeng, kapa la thetsa mosiko wa yona; ruri ya tla thetsa thaba o tla bolawa.
13. Ho se be motho ya mo amang ka letsoho: a tlepetswe ka majwe, kapa a hlajwe ka metsu, a shwe; leha e ka ba motho, kapa phoofolo, a se ke a phela. E tle ere ha ho letswa lenaka batho ba nyolohele thabeng.> ”
14. Yaba Moshe o theohela ho batho a etswa thabeng, a hlwekisa setjhaba,
15. mme sa hlatswa diaparo tsa sona. Jwale Moshe a re ho sona: “Itokisetseng letsatsi la boraro, ho se be monna ya tla kena dikobong tsa mosadi.”
16. Ka letsatsi la boraro, e sa le hoseng, ha eba teng diaduma le mahadima, le leru le letsho hodima thaba, le modumo o moholo wa lenaka; setjhaba sohle se diahelong sa thothomela.
17. Yaba Moshe o se ntsha diahelong ho kgahlanyetsa Modimo; sa emisa tlasa thaba.
18. Thaba ya Sinai ya foqoha mosi, mme wa e aparela kahohle, kaha Morena a ne a theohetse ho yona, a le kahara mollo. Mosi wa foqoha jwaloka mosi wa sebopi, mme thaba yohle ya reketla haholo.
19. Ha modumo wa lenaka o eketseha, o utlwahala haholo, Moshe a bua, mme Modimo a mo arabela ka lentswe le kang letolo.
20. Morena a theohela hodima thaba ya Sinai, tlhorong ya yona, a bitsetsa Moshe teng, yaba Moshe o a nyoloha.
21. Yaba Morena o re ho Moshe: “Theoha, o hlokomedise setjhaba esere mohlomong sa phunyeletsa ho tla bona Morena, mme sa eshwa ka bongata.
22. Baprista bohle ba tla atamela pela Morena ba ke ba itlhwekise, esere a ba otla.”
23. Moshe a re ho Morena: “Batho ba sitwa ho tla pela thaba ya Sinai, hobane o ile wa re laya, wa re: <Etsetsang thaba meedi, mme le e halaletse.> ”
24. Yaba Morena o re ho yena: “Tsamaya, o theohe, o nyolohe hape, o ena le Arone, mme baprista le setjhaba ba se ke ba phunyeletsa ho tla ho Morena, esere kgalefo ya hae ya ba tlokela.”
25. Yaba Moshe o theohela ho setjhaba, o a se bolella.