Phallo 15:9-18 BIBELE (SSO89SO)

9. “Sera se ile sa re:<Ke tla ba phaladisa, ke ba tshware;ke arole kgapo, ke kgotsofale.Ke tla hula sabole ya ka,ka tsoho la ka ke ba timetse.>

10. O ile wa fokisa moya wa hao,lewatle la ba kwahela,ba teba jwaloka lotometsing a tshabehang.

11. “Morena, ke mangya kang wena hara medimo?Ke mang ya kang wena,ya tlotlehang ka kgalalelo?Ya tshabehang ka botumo?Ya etsang mehlolo?

12. O ile wa otlollaletsoho la hao le letona,yaba lefatshe le a ba metsa.

13. “Ka mohau wa haowa tsamaisa setjhaba,setjhaba seo o se lopolotseng,ka matla a hao wa se isa diahelong,diahelong tsa hao tse halalelang.

14. Ditjhaba tsa utlwa,mme tsa thothomela,baahi ba Filesitiaba tshwarwa ke tshabo.

15. Marena a Edomo a ile a ferekana,mahosana a Moabea otlanya mangwele,baahi bohle ba Kanana ba nyamela.

16. Tshabo le thothomelotsa ba wela hodimo,ka matla a tsoho la haoba kgutsitse jwaloka majwe,ho fihlela tjhaba sa hao se feta,tjaba sa hao Morena,ho fihlela tjhaba seo se feta,seo o iphumanetseng sona.

17. O ba fihlisitse,mme wa ba ahisa thabeng ya hao,sebakeng seoo se entseng leaho la hao, Morena,Sehalalelong se entswengka matsoho a hao, Morena.

18. Morena o tla busakamehla le mehla!”

Phallo 15