3. Morena ke mohlabani,lebitso la hae ke Morena.
4. O dihetse dikariki tsa Faro,le mabotho a hae ka lewatleng,mokgetho wa balaodi ba haewa teba Lewatleng la Lehlaka.
5. Bodiba bo ba pupeditse,ba theohetse tlasetlase jwaloka lejwe.
6. “Morena, tsoho la hao le letonale tlotlisitswe ka matla,Morena, tsoho la hao le letonale thuankantse sera.
7. Ka boholo ba botlotlehi ba hao,o diha ba o tsohelang matla;kgalefo ya hao ha e tukae ba tjhesa jwaloka mmoko.
8. Ka moya o tswang nkong tsa haometsi a bokellana, metsi a phallanga ema jwaloka lerako,madiba a tuduanabotebong ba lewatle.