18. Morena o tla busakamehla le mehla!”
19. Dipere tsa Faro, le dikariki tsa hae tsa ntwa, le bapalami ba hae, ba ile ba kena lewatleng, mme Morena a kgutlisetsa metsi a lewatle hodima bona, empa bana ba Iseraele bona ba tsamaya hara lewatle, mobung o ommeng.
20. Yaba Meriama wa moporofeta, kgaitsedi ya Arone, o nka moropa ka letsoho la hae; basadi bohle ba tswa, ba mo sala morao, ba nkile meropa, mme ba etsa motjeko.
21. Meriama a phokola sefela, a re:“Binelang Morena,hobane ruri o itlotlisitse,o itlotlisitse ka tlholo,o lahletse perele mopalami wa yonaka lewatleng.”
22. Jwale Moshe a tlosa Baiseraele Lewatleng la Lehlaka, ba ya lehwatateng la Shure. Ba tsamaya lehwatateng ka matsatsi a mararo, empa ba se ke ba fumana metsi.
23. Ba fihla Mara, empa ba sitwa ho nwa metsi a Mara, hobane a ne a baba. Ke ka lebaka lena sebaka seo se reilweng lebitso la Mara.
24. Setjhaba sa korotlela Moshe, sa re: “Re tla nwa eng?”