Phallo 12:21-29 BIBELE (SSO89SO)

21. Yaba Moshe o bitsa baholo bohle ba Iseraele, o re ho bona: “Tsamayang le yo nkela malapa a lona dikonyana, mme le di hlabele mokete wa Paseka.

22. Le nke le mahlaku a hisopa, le a ine mading a ka sekotlolong, le tlotse kosene e kahodimo ho monyako, le tse pedi tse ka mahlakoreng, ka madi a tswang ka sekotlolong. Ho se be motho ya tla tswa ka tlung ya hae ho fihlela hosasane.

23. Morena o tla tsamaya hara Egepeta, a bolaye Baegepeta, empa ha a bona madi koseneng e kahodimo, le ho tse pedi tse ka mahlakoreng, Morena o tla feta monyako, a se dumelle Motimetsi hore a kene ka matlung a lona, ho le bolaya.

24. “Le tla boloka taelo ena, e be molao ho lona le ho bana ba lona kamehla yohle.

25. Etlare ha le fihla naheng eo Morena a tla le nea yona, jwalokaha a boletse, le boloke tshebeletso ena.

26. E tle ere ha bana ba lona ba le botsa, ba re: <Tshebeletso ee e bolelang?>

27. le tle le re: <Ke sehlabelo sa Paseka ya Morena, ya ileng a feta matlo a bana ba Iseraele, ha ba ne ba le Egepeta, mohla a neng a otla Egepeta, mme a sireletsa malapa a rona.> ” Setjhaba sa itihela fatshe, sa rapela.

28. Yaba bana ba Iseraele ba a ya, ba etsa kamoo Modimo a ileng a laela Moshe le Arone kateng.

29. Jwale ka seroko, Morena a bolaya matsibolo wohle a naha ya Egepeta; ho qala ka letsibolo la Faro, lona le tla dula teroneng ya hae, ho isa ho letsibolo la motshwaruwa ya kwaletsweng tjhankaneng, le matsibolo wohle a diphoofolo.

Phallo 12