Nehemia 5:15-19 BIBELE (SSO89SO)

15. Babusisi ba neng ba bile teng pele ho nna, ba ne ba imeditse setjhaba, ba nka dijo le veine ya sona, ntle ho ditjhelete tsa silefera tse ka etsang boima ba dikeramo tse mashome a tsheletseng, tseo e neng e le lekgetho la letsatsi ka leng, la motho ka mong. Esita le bahlanka ba bona ba ne ba ikalatisa hodima setjhaba. Empa nna ha ke a ka ka etsa jwalo, ka lebaka la ho tshaba Modimo.

16. Le nna ka sebetsa ka thata mosebetsing wa ho haha lerako, le hoja ke ne ke se na tshimo. Le bahlanka ba ka kaofela ba ne ba phuthehetse moo, ho ya sebetsa.

17. Ke ne ke eja le Bajuda, le babusi ba lekgolo le mashome a mahlano, ke sa bolele ba neng ba re etetse, ba etswa ditjhabeng tse neng di re potapotile.

18. Ka letsatsi le leng le le leng, ke ne ke phehelwa nama ya pholo kaofela, le ya dinku tse tsheletseng tse nonneng. Ke ne ke phehelwa le nama ya dikgoho, mme hang, kamora matsatsi a leshome, ho ne ho tliswa veine e ngata, ya mefutafuta. Empa leha ho ne ho le tjena, ha ke a ka ka batla dijo tseo e leng seabo sa mmusisi, hobane setjhaba se ne se imeditswe haholo.

19. Nehemia a re: “Modimo wa ka, ako nkgopolele tse molemo, ka baka la tsohle tseo ke di etseditseng setjhaba sena.”

Nehemia 5