Nehemia 4:21-23 BIBELE (SSO89SO)

21. Yaba re ntse re sebetsa, mme halofo e nngwe ya bona e tshwere marumo ho tloha hoseng, ho fihlela ha dinaledi di hlaha.

22. Ka yona nako eo ka re ho setjhaba: “Motho ka mong, le mohlanka wa hae, ba hlole Jerusalema, e le hore ba tle ba re lebele bosiu, mme motsheare ba sebetse.”

23. Ha e le nna, bana beso, le bahlanka ba ka, le banna ba balebedi, ba neng ba ena le nna, ha ho le ya mong wa rona ya kileng a hlobola diaparo tsa hae. Motho ka mong o ne a tshwere dihlomo tsa hae, esita leha a ilo kga metsi.

Nehemia 4