16. Nehemia, mora wa Asabuke, mmusi wa karolo e nngwe ya Bete-Sure, a latela Shalome; a tsosa karolo ya lerako e tobaneng le mabitla a Davida, ho ya fihla letshaneng, le ho ya fihla Tlung ya Bahale.
17. Balevi bana ba latela Nehemia, ba tsosa lerako: Rehume, mora wa Bani, a tsosa lerako; Hashabiya, mmusi wa karolo e nngwe ya Keila, a latela Rehume, le yena a tsosa karolo ya hae ya lerako.
18. Bana babo bona ba ba latela. Bafai, mora wa Henadade, mmusi wa karolo e nngwe ya Keila, le yena a tsosa lerako.
19. Esere, mora wa Jeshua, mmusi wa Misepa, a latela Bafai, a tsosa karolo e nngwe, e tobaneng le moepa o nyolohelang tlung ya dihlomo, e hukung ya lerako.
20. Baruke, mora wa Sabai, a latela Esere; a tsosa karolo e nngwe ya lerako ka mafolofolo, ho tloha hukung ya lona, ho ya fihla monyakong wa ntlo ya Moprista e Moholo Eleashibe.
21. Meremote, mora wa Uriya, setloholo sa Kose, a latela Baruke. A tsosa karolo e nngwe ya lerako, ho tloha monyakong wa ntlo ya Eleashibe, ho ya fihla moo ntlo eo e fellang teng.
22. Baprista, e leng banna ba ahileng phuleng ya Jorodane, ba latela Meremote, le bona ba tsosa lerako.