Nehemia 13:26-31 BIBELE (SSO89SO)

26. Na Solomone, kgosi ya Iseraele, ha a a ka a etsa sebe ka ho etsa dintho tsee? Empa leha ho le jwalo, hara ditjhaba tse ngata ha ho ya ka ha eba le kgosi e kang yena, e neng e ratwa ke Modimo wa yona. Modimo a mmea ho ba kgosi ya Baiseraele bohle. Empa le yena o ile a dihelwa sebeng ke basadi ba baditjhaba.

27. Jwale le re re le dumelle le etse bokgopo bo bokaalekaale, le sitelwe Modimo wa rona, ka ho nyala basadi ba baditjhaba?”

28. E mong wa bara ba Joyada, setloholo sa Moprista e Moholo Eleashibe, e ne e le mokgwenyana wa Sanebalate wa Mohore. Yaba ke a mo leleka.

29. Ka boela ka re: “Ako ba hopole, Modimo wa ka, hobane ba hlompholotse boprista, le selekane sa boprista, le sa Balevi.”

30. Ka mokgwa o jwalo ka ba hlwekisa ka ho ba lahlisa mekgwa yohle ya baditjhaba, ka ba abela mesebetsi ya bona ya boprista le ya Balevi, e mong le e mong a ba mosebetsing wa hae.

31. Ka ba ka ba beela nako ya ho tlisa patsi ya setjheso le ya ho tlisa dilopotsiya.Ka re: “Oho, Modimo wa ka, ako nkgopolele tse molemo!”

Nehemia 13