Nehemia 12:5-24 BIBELE (SSO89SO)

5. le Miamine, le Maadeya, le Bilega,

6. le Shemaya, le Joyaribe, le Jedaya,

7. le Salo, le Amoke, le Hilekiya, le Jedaya. Bana e ne e le dihlooho tsa baprista, le tsa bana babo bona, mehleng ya Jeshua.

8. Balevi e ne e le Jeshua, le Binui, le Kademiele, le Sherebiya, le Juda. Bo-Mataneya le bana babo e ne e le bona ba tsamaisang difela tsa teboho.

9. Bakabukiya le Uni, le bana babo bona, bona ba ne ba bina ba tobane le bo-Mataneya.

10. Jeshua a tswala Joyakime, Joyakime a tswala Eleashibe, Eleashibe a tswala Joyada,

11. Joyada a tswala Jonathane, Jonathane a tswala Jadua.

12. Mehleng ya Joyakime ho ne ho ena le baprista, e leng dihlooho tsa malapa a bo-ntata bona. Lelapeng la Seraya e ne e le Meraya, ho la Jeremia e le Hananiya,

13. ho la Esera e le Meshulame, ho la Amariya e le Jehohanane,

14. ho la Meleku e le Jonathane, ho la Shebaniya e le Josefa,

15. ho la Harime e le Adena, ho la Meraote e le Helekai,

16. ho la Ido e le Sekariya, ho la Ginetone e le Meshulame,

17. ho la Abiya e le Sikeri, ho la Miniyamine ya tswang Moadiya e le Piletai,

18. ho la Bilega e le Shamua, ho la Shemaya e le Jehonathane,

19. ho la Joyaribe e le Matenai, ho la Jedaya e le Usi,

20. ho la Salai e le Kalai, ho la Amoke e le Ebere,

21. ho la Hilekiya e le Hashabiya, ho la Jedaya e le Netanele.

22. Mehleng ya bo-Eleashibe, le Joyada, le Johanane, le Jadua, ha ngolwa lenane la dihlooho tsa malapa a Balevi le a baprista, ho ya fihla mehleng ya puso ya Dariuse wa Peresiya.

23. Bara ba Balevi, e leng dihlooho tsa malapa a bo-ntata bona, ba ngolwa Bukeng ya Diketsahalo, ho fihlela le mehleng ya Johanane, mora wa Eleashibe.

24. Dihlooho tsa Balevi e ne e le bo-Hashabiya, le Sherebiya, le Jeshua, mora wa Kademiele, le bana babo bona, ba neng ba ema ba tobane le bona, ba rorisa, ba leboha Modimo, ho ya ka taelo ya Davida, mohlanka wa Modimo, mme ba neeletsana ha ba bina.

Nehemia 12