Nehemia 12:5-12 BIBELE (SSO89SO)

5. le Miamine, le Maadeya, le Bilega,

6. le Shemaya, le Joyaribe, le Jedaya,

7. le Salo, le Amoke, le Hilekiya, le Jedaya. Bana e ne e le dihlooho tsa baprista, le tsa bana babo bona, mehleng ya Jeshua.

8. Balevi e ne e le Jeshua, le Binui, le Kademiele, le Sherebiya, le Juda. Bo-Mataneya le bana babo e ne e le bona ba tsamaisang difela tsa teboho.

9. Bakabukiya le Uni, le bana babo bona, bona ba ne ba bina ba tobane le bo-Mataneya.

10. Jeshua a tswala Joyakime, Joyakime a tswala Eleashibe, Eleashibe a tswala Joyada,

11. Joyada a tswala Jonathane, Jonathane a tswala Jadua.

12. Mehleng ya Joyakime ho ne ho ena le baprista, e leng dihlooho tsa malapa a bo-ntata bona. Lelapeng la Seraya e ne e le Meraya, ho la Jeremia e le Hananiya,

Nehemia 12