Nehemia 1:8-11 BIBELE (SSO89SO)

8. “Ke a o rapela: Ako hopole polelo eo o neng o e laele Moshe, mohlanka wa hao, wa re: <Haeba le ka etsa sebe, ke tla le hasanya hohle hara ditjhaba.

9. Empa haeba le ka kgutlela ho nna, mme la boloka melao ya ka, la e phetha, leha eba ke ile ka le hasanyetsa dipheletsong tsa lefatshe, ke tla le bokella le le hona moo, ke le kgutlisetse sebakeng seo ke se kgethileng, hore ke kgumamellwe ho sona.>

10. “Jwale he, bana ke bahlanka ba hao, le setjhaba sa hao, seo o ileng wa se lopolla ka matla a hao a maholo, le ka letsoho la hao le matla.

11. Oho, Morena, ke a o rapela: Ako thee tsebe o mamele thapelo ya mohlanka wa hao, le thapelo ya bahlanka ba hao, ba tjhesehelang ho hlompha lebitso la hao. Ke a o rapela: Ako atlehise mohlanka wa hao, hona kajeno, mme o etse hore monna enwa a mo hauhele.”Mehleng eo ke ne ke le moqhatsetsi wa kgosi.

Nehemia 1