9. O se itlwaetse ho halefa kapele,thoto di kwetlile kgalefoka difubeng tsa tsona.
10. Se ke wa re:“Ke hobaneng ha tshiu tsa kgaledi bile molemo ho feta tsa kajeno?”Ho botsa potso enake ho hloka bohlale.
11. Bohlale bo molemo jwaloka lefa,bo atlehisa bathoba ntseng ba phela.
12. Bohlale bo a sireletsa,tjhelete e a sireletsa;molemo o moholo wa tsebo ke ona:Ba ruileng,bohlale bo ba nea bophelo.
13. Ako tadime mesebetsi ya Modimo:Se kgopamisitsweng ke Modimo,se ka kgopamollwa ke mang?
14. Mohla tsatsi la thabonyakalla le wena,mohla tsatsi la mahlonokoako hopole sena:Matsatsi ana, bobedi,a entswe ke Modimo;kahoo tsa kamosomotho a ke ke a di tseba.
15. Bophelong bona ba ka ba lefeela ke bone dintho tsena:Motho o a shwaleha a ntsa lokile,motho o a tsofalaleha a ntsa le kgopo.
16. Se itokafatseho feta tekanyo,kapa wa itlhalefisaho feta tekanyo;ebe o ipolaelangka ho etsa jwalo?
17. Se be kgopo ho tlola moedi,le teng o se ke wa iketsa sethoto;o tla bo shwellangpele ho nako ya hao?
18. Molemo ke ho itshwarellaka polelo ya pele,le ya bobedi o se ka e nyahlatsa;ya tshabang Modimoo phema tsietsi tsena bobedi!