Moruti 5:8-13 BIBELE (SSO89SO)

8. Ha o bona mofutsana a hatellwa, a amohuwa toka le ditokelo tsa hae naheng ya heno, tseo di se ke tsa o makatsa, hobane mookamedi o na le ya mo okametseng, mme baokamedi le bona ba na le mookamedi e moholo.

9. Se molemo ho setjhaba sohle ke kgosi e thahasellang temo.

10. Ya ratang tjheleteha e ke be e mo lekane,ya ratang leruokamehla o a le halala;hona le hona e sa le lefeela.

11. Ha leruo le ata,bafepuwa ba a ata;ebe le thusa monga lona ka eng,haese ho nna a le boha kamehla?

12. Mosebeletsi o robala boroko,ebang o a lapa kapa o a kgora,empa morui ya hafang ka nkatanaha a bo hlothe ke maruo a hae!

13. Ho na le bobe bo otlang pelo, boo ke bo boneng mona lefatsheng:Motho o bokella leruole tlise bosoto,

Moruti 5