Moruti 5:19-20 BIBELE (SSO89SO)

19. Hape ke mpho ya Modimo ho motho ka mong eo Modimo a mo fileng leruo le matlotlo le matla hore a ithabise ka wona, mme o lokela ho amohela kabelo eo ya hae, a ithabise ka tsa mosebetsi wa matsoho a hae.

20. Motho ha a ke a nahana bokgutshwanyane ba bophelo ba hae, hobane Modimo o mo phedisa ka nyakallo.

Moruti 5