23. Matsatsi wohle a bophelo ba hae ke a ditsietsi, mme mosebetsi wa hae o tletse maswabi. E, bosiu ha a phomole, mme hona le hona ke lefeela.
24. Ha ho letho le molemo leo motho a ka le etsang, haese hore a je, a nwe, a ithabise ka tseo a di sebeditseng. Empa le teng ke ile ka bona hore tsena o di newa ke Modimo,
25. hobane ntle ho Modimo, ke mang ya ka jang, mme a ithabisa?
26. Modimo o nea motho ya mo kgahlisang bohlale le tsebo le thabo, empa moetsadibe o newa mosebetsi o boima wa ho bokella le ho boloka matlotlo, a tle a a siele ya kgahlisang Modimo. Hona le hona ke lefeela le tshwanang le ho lelekisa moya feela.