1. Ke madimabe hakaakang!Ke ka mothoya reng o kgola tholwana,ya reng o kgola tsa hlabulaathe ha di yo.Ke ka rapa sa morarase kgwahlapisitswe;ha ho lesihla la morarale ka jewang,ha ho feiye ya peleeo nka e lakatsang.
2. Ba hlomphang Modimoha ba sa le yo lefatsheng,ha ho le ya mongya etsang ho lokileng;bohle ba laletse ho tsholla madi,motho o tjhehile ngwanabo,o mo tjhehile ka letlowa.
3. Ka matsoho a bonaba ithutile ho etsa bokgopo,ba bile ba bo etsa ba kgothetse;mmusi o batla horea ntshetswe dimpho,moahlodi yena o amohela tjotjo;ba matla ba laela horeho phethwe ditakatso,takatso tsa bona tse kgopo,ba loha mano jwalo ba le hammoho.
4. Ya lokileng ho ba fetao ka hlabahlabane,ya tshepahalang ho ba fetao ka lekgwakgwale baletswe ka leoka.Letsatsi la balebedi ba hao le fihlile,letsatsi leoModimo a tla o otla ka lona,nako ya hore ba ferekanejwale e fihlile.
5. O se tshepe ya ahisaneng le wena,motswalle le yenao se ke wa mo tshepa;esita le ho yena mosadi wa hao,o ele hlokoseo o se buang ho yena.