3. Ka baka leo, Morena o bua tjena:“Ke ntse ke rera koduwa,ke e rerela tjhaba sena,koduwa eo se ke kengsa ba sa e phema.Ha se ka ke sa tsamaya,sa tsamaya ka boikakaso,hobane e tla be e le nako,nako ya tlokotsi.
4. Mohla tsatsi leo ba tla le soma,ba le binele kodi-ya-mallaba re: <Re fela re faladitswe,Morena o re amohile naha ya rona,a e abela bathopi ba rona.> ”
5. Kahoo kahara phutheho,phutheho ya Morena,ha ho na ho ba le motho le ya mongya tla le arolela naha ka lotho.
6. Baporofeta ba bohataba re ho nna:“Se ke wa re porofetela,se ke wa porofeta dintho tsena;Modimo ha a ka kea re hlabisa dihlong.”
7. Na ho ka botswa ntlo ya Jakoboha thwe: “Ebe Morenao feletswe ke mamello?Na tse tjee di etswa ke yena?”“Na polelo tsa kaha di tlise molemo,di o tlisetsa ba etsang ho loka?
8. Empa lona tjhaba sa kale iphetotse sera!Motho wa kgotsoha a feta ka tsela,a iphetela, a sa nahane tsa ntwa,le mo amoha kobo a e apere.
9. Basadi ba tjhaba sa kale a ba leleka,le ba leleka malapeng,malapeng a bona a matle;le amoha bana ba bona tlotla ya ka,le ba amoha yona ho-ya-ho-ile.