23. A e hlaba, mme a nka madi a mang a yona, a tlotsa ntlha ya tsebe ya Arone ya letsoho le letona, le monwana o moholo wa letsoho la hae le letona, le monwana o moholo wa leoto le letona.
24. Moshe a tlisa bara ba Arone, a nka madi, mme ka wona a tlotsa dintlha tsa ditsebe tsa bona tsa matsoho a matona, le hodima menwana e metona ya matsoho a bona a matona; le hodima menwana e metona ya maoto a bona a matona. Ka madi a mang Moshe a foka aletare ho e potapota.
25. Jwale a nka mafura a pheleu, le mafura a mohatla wa yona, le mohlehlo, le phapohane, le diphiyo tse pedi, le tshotso ya tsona, le serope sa letsoho le letona.
26. Ka serotong sa bohobe bo sa lomoswang, bo neng bo le kapele ho Morena, a nka kuku e le nngwe e sa lomoswang, le leqebekwane le le leng le dubilweng ka ole, le moqathane o le mong, a di bea hodima mafura, hodima serope sa letsoho le letona.
27. Tsena tsohle a di bea diatleng tsa Arone le diatleng tsa bara ba hae, mme Moshe a di akgotsa, e le nyehelo e akgoletswang Morena.
28. Moshe a boela a di nka diatleng tsa bona, a di tjhesetsa hodima aletare, hodima nyehelo ya setjheso. E ne e le nyehelo ya kgalaletso, e monko o monate, e amohelehang ho Morena.