19. Haeba ya kgethetseng Morena tshimo eo a rata ho e lopolla, o tla eketsa ka karolo e le nngwe ho tse hlano tsa tjhelete e hakantsweng, mme tshimo e tla boela e eba ya hae.
20. Empa haeba a sa lopolle tshimo eo, eba o e rekiseditse motho e mong, e ke ke ya hlola e lopollwa.
21. Ka selemo sa mokete wa tokoloho, tshimo eo e tla lopollwa e se e halalela ho Morena, e le tshimo e abilweng, mme e tla ba ya moprista, e be lefa la hae.
22. “ <Haeba motho a kgethela Morena tshimo eo a e rekileng, e se ya lefa la hae,
23. moprista o tla mo hakanyetsa tjhelete e lekaneng dilemo tse sa setseng ho ya fihla moketeng wa tokoloho o tlang, mme motho eo o tla ntsha tjhelete e hakantsweng ka lona letsatsi leo, e abelwe Morena e le ntho e halalang.
24. Ka selemo sa mokete wa tokoloho, tshimo eo e tla boela ho motho eo ya e rekisitseng, eo tshimo e neng e le lefa la hae.
25. Kgakanyo yohle e tla lekanngwa ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. Digera tse mashome a mabedi ke dikeramo tse leshome le motso o le mong.
26. “ <Ho se be motho ya ka kgethelang Morena matsibolo a diphoofolo tsa hae, hobane wona ke a Morena; e ka ba matsibolo a kgomo, kapa a nku, ke a Morena.