Meetlo 26:36-40 BIBELE (SSO89SO)

36. “ <Ha e le masalla a lona, ke tla a etsa makwala naheng ya dira tsa wona. A tla tshoha difotle, a phaphathehe jwalokaha eka a baleha sabole, le hoja ho se ya a lelekisang.

37. A tla hatana hodimo jwalokaha eka a baleha sabole, le hoja ho se ya a lelekisang, mme a tla hloka matla a ho lwantsha dira tsa wona.

38. Le tla shwella hara baditjhaba, mme naha ya dira tsa lona e tla ba mabitla a lona.

39. Batho ba masalla a lona ba tla shwella bokgopong ba bona, le makgopong a bo-ntata bona, ba ntse ba le naheng ya dira tsa bona, ba tla shwa le makgopo ao.

40. “ <Batho bao ba masalla ba tla ipolela makgopo a bona, le makgopo a bo-ntata bona, le ditshito tsa bona tseo ba ntshitetsweng ka tsona; le hore ba ile ba ntwantsha.

Meetlo 26