19. Ke tla fedisa matla ao le ikgohomosang ka wona, lehodimo le ke ke la le nesetsa pula, mme lefatshe la lona le tla omella jwaloka tshepe.
20. Le tla sebeletsa lelea, hobane masimo a lona a ke ke a beha letho, le difate tsa naha ha di na ho beha ditholwana.
21. “ <Haeba le ntwantsha, le hana ho mmamela, ke tla le tlisetsa diwa tse ngata, tse menahaneng hasupa, ka baka la dibe tsa lona.
22. Ke tla le romela dibatana tse hlaha, tse tla harola bana ba lona, di fedise diphoofolo tsa lona, di fokotse palo ya lona, mme ditsela tsa lona di mele mohlwa.
23. “ <Haeba, le ka lebaka la dintho tsena, le ntse le sa ikokobeletse nna, empa le ntse le ntwantsha,
24. le nna ke tla le lwantsha. Ke tla le otlela dibe tsa lona, mme ke menahanye kotlo ya lona hasupa.
25. Ke tla le bolaya ka sabole, ho phetetsa selekane sa ka hobane le se sentse. Leha le ka la phuthehela metseng ya lona, ke tla le romela lefu la sewa, mme ke le neele dira tsa lona.
26. Ke tla le amoha dijo tsa lona, mme le tla apehelwa bohobe ka seboping se le seng ke basadi ba leshome. Ba tla le methela bohobe; le tla ja, empa le ke ke la kgora.
27. “ <Haeba, le ka lebaka la dintho tsena, le ntse le sa mmamele, le ntse le ntwantsha,
28. ke tla le lwantsha ke le halefetse, ke le otlele dibe tsa lona, mme ke menahanye kotlo ya lona hasupa.
29. Le tla ja nama ya bara le baradi ba lona.
30. Ke tla senya dibaka tsa lona tsa borapedi tse maralleng, ke heletse dialetare tsa lona tsa ho tjhesetsa mokubetso, ke akgele ditopo tsa lona hodima ditopo tsa medimo ya lona, mme ke le nyonye.
31. Ke tla fetola metse ya lona masupi, ke falatse dibaka tsa lona tsa borapedi, ke se ke ka amohela monko o monate wa ditjheso tsa lona.
32. Naha ya lona e tla fetoha nanaola, mme dira tsa lona tse ahileng moo di tla e makalla.
33. Ke tla le qhalanyetsa hara ditjhaba, ke le bolaye ka sabole, naha ya lona e fetohe nanaola, le metse ya lona e fetohe masupi.
34. “ <Jwale naha e tla thabela dilemo tsa phomolo ya yona, ka matsatsi wohle ao e ntseng e se na baahi ka wona, ha lona le le naheng ya dira tsa lona. Jwale naha e tla phomola, e thabele phomolo ya yona.
35. Ka matsatsi wohle ao e ntseng e se na baahi ka wona, naha e tla phomola, e fumane phomolo eo e neng e e hloka ha le ne le ahile ho yona.
36. “ <Ha e le masalla a lona, ke tla a etsa makwala naheng ya dira tsa wona. A tla tshoha difotle, a phaphathehe jwalokaha eka a baleha sabole, le hoja ho se ya a lelekisang.