1. “ <Le se ke la iketsetsa medimo ya bohata, le ditshwantsho tse betlilweng, kapa la itlhomela difika tseo le di kgumamelang; le se ke la haha ditshwantsho tsa majwe naheng ya lona, ho di kgumamela, hobane ke nna Morena Modimo wa lona.
2. “ <Le tla boloka Disabatha tsa ka, mme le hlomphe Sehalalelo sa ka. Ke nna Morena.
3. “ <Ha le tsamaya ho ya ka ditaelo tsa ka, le boloka melao ya ka, le e phetha,
4. ke tla le nesetsa pula ka nako ya yona, mme masimo a tla ba le tjhai, le difate tsa naha di behe ditholwana tsa tsona.
5. Nako ya lona ya ho pola e tla be e fihlelwe ke nako ya ho kotula morara; le nako ya ho kotula morara e be e fihlelwe ke ya ho lema. Le tla ja dijo tsa lona, le kgore, le phele naheng ya lona ka boiketlo.