Meetlo 17:1-13 BIBELE (SSO89SO)

1. Morena a bua ho Moshe, a re:

2. “Bua ho Arone, le ho bara ba hae, le ho bana bohle ba Iseraele, o re ho bona: <Sena ke seo Morena a se laetseng, ha a re:

3. Motho ofe kapa ofe wa ntlo ya Iseraele, ya hlabelang pholo, kapa nku, kapa podi, ka diahelong; kapa ya e hlabelang kantle ho diahelo,

4. a se e tlise pele, monyakong wa Tente ya Morena, ho nyehela ka yona ho Morena, kapele ho Leaho la hae, o tla tadingwa a le molato wa ho tsholla madi. Motho eo o tsholotse madi, mme o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.

5. Hona ke hore bana ba Iseraele ba tlise mahlabelo a bona, ao ba neng ba a etsetsa naheng; ba a tlise ho Morena, monyakong wa Tente ya Morena, ho moprista, mme ka wona ba etsetse Morena nyehelo ya teboho.

6. Moprista o tla foka aletare ya Morena, e monyakong wa Tente ya Morena, ka madi, mme a tjhese mafura e le nyehelo e monko o monate, e amohelehang ho Morena.

7. Ba se ke ba hlola ba nyehella medingwana ya diphooko eo ba e setseng morao, ba e kgumamelang. Ona e tla ba molao wa mehla yohle wa bona, le wa ditloholo tsa bona.>

8. “O re ho bona hape: <Motho ofe kapa ofe wa ntlo ya Iseraele, kapa wa moditjhaba ya jakileng hara bona, ya etsetsang Morena nyehelo ya setjheso,

9. a se e tlise monyakong wa Tente ya Morena ho nyehella Morena, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.

10. “ <Motho ofe kapa ofe wa ntlo ya Iseraele, kapa wa moditjhaba ya jakileng hara bona, ya jang bobete ba mofuta ofe kapa ofe, ke tla mo halefela. Motho eo ya jang bobete ke tla mo kgaola setjhabeng sa habo.

11. Kahobane bophelo ba ntho bo mading, madi ana ke le neile wona hore le iketsetse tefelo ya sebe ka wona aletareng; ke madi a etsetsang motho tefelo ya sebe.

12. Ka lebaka lena ke itse ho bana ba Iseraele: “Ho se be le ya mong wa lona ya jang bobete; le moditjhaba ya jakileng hara lona a se ke a ja bobete.”

13. “ <Motho ofe wa bana ba Iseraele, kapa wa moditjhaba ya jakileng hara bona, ya tsomang phoofolo kapa nonyana e ka jewang, ha a e bolaile o tla fophisa madi a yona, a a kwahele ka mobu.

Meetlo 17