Meetlo 14:54-57 BIBELE (SSO89SO)

54. Ona ke molao wa mefuta yohle ya lefu la lepera, le wa mmokwana;

55. le wa lepera le diaparong le le ka matlung;

56. le wa makukuma, le wa lekgwekgwe, le wa mabadi a benyang, le wa ditlapedi.

57. Ona ke molao wa lepera, ho re ruta ho tseba ha ntlo e le sesila, kapa e hlwekile.

Meetlo 14