Meetlo 13:30-41 BIBELE (SSO89SO)

30. moprista o tla mo hlahloba. Ha a fumana hore se phobetse, mohwete o mosesanyane, o mosehlanyana, moprista o tla phatlalatsa hore motho eo o sesila; hoo ke lefu la mmokwana, ke lepera le tswang motho hloohong kapa seledung.

31. Ha moprista a hlahloba lefu lena la mmokwana, mme ho bonahala hore letlalo ha le a phobela, ho se na le moriri o motsho, moprista o tla etsa hore motho enwa ya tshwerweng ke lefu la mmokwana a dule a le mong ka matsatsi a supileng.

32. Ka letsatsi la bosupa moprista o tla hlahloba lefu leo, mme haeba lefu lena la mmokwana le sa anela mmele, mme ho se na mohwete o mosehlanyana, ho bonahala hore mmokwana ha o a phobela,

33. motho eo o tla beolwa, empa moo mmokwana o entseng lebadi ho se ke ha beolwa. Moprista o tla etsa hore motho eo ya tshwerweng ke lefu lena a dule a le mong ka matsatsi a supileng.

34. Ka letsatsi la bosupa moprista o tla hlahloba lefu lena la mmokwana; haeba le sa anela mmele, mme ho bonahala hore ha le a phobela, moprista o tla phatlalatsa hore motho eo o hlwekile. Motho eo o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme a tla ba o hlwekile.

35. Empa haeba lefu lena la mmokwana le anela mmele kamora hore ho phatlalatswe hore motho eo o hlwekile,

36. moprista o tla mo hlahloba, mme haeba lefu leo la mmokwana le anetse mmele, ha ho hlokahale hore moprista a hlahlobe hore na ho na le mohwete o mosehlanyana; motho eo o sesila.

37. Empa haeba ho bonahala hore lefu lena ha le tswele pele, mme mohwete o motsho o metse teng, lefu lena la mmokwana le fodile. Motho eo o hlwekile, mme moprista o tla phatlalatsa hore motho eo o hlwekile.

38. “Haeba monna kapa mosadi a ena le mabadi a masweunyana a benyang,

39. moprista o tla a hlahloba. Haeba mabadi ana a benyang, a mmeleng a le bosweunyana bo fifetseng, mme a supa hore a a nyamela, e tla ba ke lekgophonyana feela; motho eo o hlwekile.

40. “Ha motho a foforeha moriri hloohong, o na le lefatla; o hlwekile.

41. Haeba motho a foforeha moriri phatleng, o na le lefatla phatleng, o hlwekile.

Meetlo 13