Matheu 26:44-51 BIBELE (SSO89SO)

44. A tloha hape, a ya rapela kgetlo la boraro, a pheta mantswe wona ane.

45. Jwale a tla ho barutuwa, a re ho bona: “Na le sa ntse le robetse, le phomotse? Bonang, nako e atametse, mme Mora Motho o neelwa matsohong a baetsadibe.

46. Tsohang, a re yeng; ya nkekang ke enwa, o se a atametse.”

47. Yare a sa bua, Judase, e mong wa ba leshome le metso e mmedi, a fihla a ena le letshwelehadi le tshwereng disabole le dikoto, le etswa ho baprista ba baholo le baholo ba setjhaba.

48. Ya ekang Jesu o ne a ba neile pontsho, a re: “Eo ke tla mo aka ke yena; le mo tshware.”

49. A ba sa toba ho Jesu, a re: “E, Moruti!” Yaba o a mo aka.

50. Jesu a re ho yena: “Motswalle, o tletseng moo?”Jwale ba tla ho Jesu, ba mo tshwara.

51. E mong wa ba nang le Jesu a phahamisa letsoho la hae, a hula sabole ya hae, a hlatha mohlanka wa Moprista e Moholo, a mo poma tsebe.

Matheu 26