Matheu 26:30-36 BIBELE (SSO89SO)

30. Hoba ba bine sefela, ba tswa, ba ya Thabeng ya Mehlwaare.

31. Jwale Jesu a re ho bona: “Ka bosiu bona lona bohle le tla nkwenehela, hobane ho ngotswe, ho thwe:“ <Ke tla otla modisa,mme dinku tsa mohlapedi tla qhalana.>

32. “Empa ha ke se ke tsohile bafung ke tla le etella pele ho ya Galelea.”

33. Petrose a mo araba, a re: “Leha bohle ba ka o kwenehela, nna nke ke ka kweneha le kgale.”

34. Jesu a re ho yena: “Kannete ke a o bolella hore bosiung bona, etlare mokoko o eso lle, o tla be o ntatotse hararo.”

35. Petrose a re ho yena: “Leha eba ke tlameha ho shwa le wena, ha nka ke ka o latola.” Barutuwa bohle le bona ba bua jwalo.

36. Jwale Jesu a ya le bona serapeng se bitswang Gethesemane, mme a re ho barutuwa: “Dulang mona ha ke sa ntse ke eya mane ho rapela.”

Matheu 26