1. Ka nako eo barutuwa ba tla ho Jesu, ba re: “E moholo Mmusong wa mahodimo ke mang?”
2. Jesu a bitsa ngwana, a mo emisa kapele ho bona,
3. a re: “Ruri ke re ho lona, ha le sa fetohe la tshwana le bana, le ke ke la kena Mmusong wa mahodimo.
4. Ka baka leo, ya ikokobetsang jwaloka ngwana enwa ke yena e moholo Mmusong wa mahodimo.
5. Mang kapa mang ya amohelang ngwana ya jwaloka enwa lebitsong la ka, o a nkamohela.