Matheu 14:10-19 BIBELE (SSO89SO)

10. Yaba o laela hore Johanne a kgaolwe hlooho tjhankaneng.

11. Hlooho ya hae ya tliswa ka mokeke, ya newa morwetsana, mme yena a e isa ho mmae.

12. Barutuwa ba Johanne ba tla, ba nka setopo, ba se epela; ba nto ya tsebisa Jesu.

13. Yare ha Jesu a utlwa pehi eo, a tloha moo ka sekepe, a ikela nahathothe boinotshing. Matshwele ha a utlwa a mo latela ka maoto, a etswa metseng.

14. Ha Jesu a etswa sekepeng, a bona letshwelehadi, a utlwela batho bohloko, mme a fodisa bakudi ba bona.

15. Ha ho phirima, barutuwa ba hae ba tla ho yena, ba re: “Mona ke nahathothe, mme nako e se e ile; lokolla batho bana, ba tle ba yo ithekela dijo metseng.”

16. Empa Jesu a re ho bona: “Ha ho hlokahale hore ba tsamaye; ba fepeng e le lona.”

17. Ba re ho yena: “Mona ha re na letho haese dinkgwa tse hlano le ditlhapi tse pedi.”

18. A re: “Ntlisetseng tsona mona.”

19. Hoba a laele matshwele ho dula jwanng, a nka dinkgwa tseo tse hlano le ditlhapi tseo tse pedi, a lelalla lehodimong, a boka, a ngwatha dinkgwa, a di nea barutuwa, mme ba di abela matshwele.

Matheu 14