Matheu 12:3-15 BIBELE (SSO89SO)

3. A re ho bona: “Na ha le a ka la bala seo Davida a neng a se etse, ha a ne a lapile mmoho le bao a neng a ena le bona;

4. kamoo a neng a kene ka Tlung ya Modimo kateng, mme ba ja bohobe bo halalelang, e leng boo yena le bao a neng a ena le bona ba neng ba sa dumellwa ho bo ja, bo jewa ke baprista feela?

5. Kapa na ha le a ka la bala Molaong hore baprista ba tlola molao wa Sabatha Tempeleng ka Disabatha, empa ha ba na molato?

6. Ke a le bolella, mona ho teng ho fetang Tempele ka boholo.

7. Hoja le ne le tsebile hore na ke ho reng ha ho thwe: <Ke thabela mohau, e seng sehlabelo,> le ka be le sa ka la ahlola ba se nang molato.

8. Mora Motho ke morena wa Sabatha.”

9. Jesu ha a tloha moo a kena ka tlung ya bona ya thapelo.

10. Ho ne ho le teng motho ya shweleng letsoho. Hore ba tle ba qose Jesu, Bafarisi ba mmotsa, ba re: “Na ho a dumelleha ho fodisa batho ka Sabatha?”

11. A re ho bona: “Ekaba ke mang ho lona, ya nang le nku e le nngwe, eo ekareng ha e wetse ka lenkwaneng ka Sabatha, a ke keng a e tshwara, a e nyolla?

12. Ha ho le jwalo, motho o feta nku hakaakang ka bohlokwa! Ka baka leo, ho a dumelleha ho etsa ho molemo ka Sabatha.”

13. Yaba o re ho motho eo: “Otlolla letsoho la hao!”A le otlolla, la fola, mme la boela la loka jwaloka le leng.

14. Bafarisi ba tswa, ba rera kamoo ba ka bolayang Jesu kateng.

15. Ha Jesu a tsebile hoo, a tloha moo. Batho ba bangata ba mo latela, mme a ba fodisa bohle,

Matheu 12