11. Josiya a tswala Jekoneya le bana babo ka nako ya ho fallisetswa ha Bajuda Babilona.
12. Jwale, kamora ho fallisetswa ha bona Babilona, Jekoneya a tswala Salatiele, Salatiele a tswala Sorobabele,
13. Sorobabele a tswala Abihude, Abihude a tswala Eliakime, Eliakime a tswala Asore,
14. Asore a tswala Sadoke, Sadoke a tswala Akime, Akime a tswala Eleude,
15. Eleude a tswala Eleasare, Eleasare a tswala Matane, Matane a tswala Jakobo,
16. Jakobo a tswala Josefa, mohatsa Maria, mosadi ya ileng a tswala Jesu ya bitswang Kreste.
17. Ha ho le jwalo, meloko yohle, ho tloha ho Aborahama ho isa ho Davida e bile leshome le metso e mene; ho tloha ho Davida ho isa nakong ya ho fallisetswa ha Bajuda Babilona, meloko e leshome le metso e mene; mme ho tloha nakong ya ho fallisetswa ha bona Babilona ho isa ho Kreste, meloko e leshome le metso e mene.