Mareka 7:32-37 BIBELE (SSO89SO)

32. Ba mo tlisetsa monna ya tsebetutu, ya lehwelea, mme ba mo rapela hore a mmee letsoho.

33. Jesu a mo tlosa hara letshwele, a mo nkela thokwana, mme a kenya menwana ya hae ka ditsebeng tsa hae; a tshwela mathe, a ama leleme la hae.

34. A lelalla lehodimong, a fehelwa, a re ho yena: “Efatha!” e leng ho re: “Thiboloha!”

35. Hanghang ditsebe tsa hae tsa thiboloha, leleme la hae la raroloha, mme a bua hantle.

36. Jesu a ba laya ho se bolelle motho, empa leha a ba laile, ba tswela pele ho phatlalatsa taba eo.

37. Ba hlollwa haholo, mme ba re: “Tsohle o di entse hantle; o etsa hore bo-tsebetutu ba utlwe, dimumu di bue!”

Mareka 7