Mareka 7:22-30 BIBELE (SSO89SO)

22. le bofebe, meharo, bokgopo, thetso, mekgwa e hlabisang dihlong, mona, ketseletso, boikgantsho, le bothoto.

23. Dintho tsena tsohle tse mpe di tswa kahare, mme di silafatsa motho.”

24. Ho tloha moo, Jesu a ya sebakeng sa Tire. A kena ka tlung, mme a lakatsa hore ho se be ya ka tsebang, empa a sitwa ho pateha.

25. Hanghang mosadi eo moradinyana wa hae a neng a ena le moya o ditshila, a mo utlwela, mme a ya, a fihla, a itihela maotong a hae.

26. Mosadi eo e ne e le Mogerike, wa mofuta wa Basiria ba Fenisia; a mo kopa hore a leleke modemona ho moradi wa hae.

27. Jesu a re ho yena: “Lesa bana ba kgore pele, hobane hase hantle hore ho nkwe bohobe ba bana, bo akgellwe dintjanyana.”

28. A araba, a re ho yena: “Morena, le tsona dintjanyana tse tlasa tafole di ja makumane a wang ho bana.”

29. A re ho yena: “Ka baka la polelo ena, ikele, modemona o tswile ho moradi wa hao.”

30. A ya hae, a fumana ngwana a robetse diphateng, mme modemona o tswile.

Mareka 7