39. A laela barutuwa hore ba dudise batho kaofela ka dihlophahlopha jwanng bo botalana.
40. Ba dula ka maqulwaqulwana a ba lekgolo, le ba mashome a mahlano.
41. A nka dinkgwa tse hlano le ditlhapi tse pedi, a lelalla lehodimong, a boka, a ngwatha bohobe, a bo nea barutuwa ba hae, hore ba abele batho, le ditlhapi tse pedi a di arolela bohle.
42. Bohle ba eja, ba kgora,
43. yaba ho bokellwa makumane le marathana a ditlhapi a ileng a tlatsa diroto tse leshome le metso e mmedi.
44. Ba jeleng bohobe e ne e le banna ba kete tse hlano.
45. Kapelepele Jesu a laela barutuwa ba hae ho kena ka sekepeng, ho mo etella pele ho ya mose Bethesaida, ha yena a ntse a qhala letshwele.
46. Hoba a ba dumedise, a ya thabeng ho rapela.
47. Mantsiboya, sekepe se ne se le bohareng ba letsha, yena a le nnotshi lebopong.
48. A bona hore ba soka haboima, hobane ba ne ba tobane le moya. Ha e batla e eba kameso, a ya ho bona a tsamaya hodima letsha, a ilo ba feta.
49. Empa ha ba mmona a tsamaya hodima letsha, ba hopola hore ke sethotsela, mme ba bokolla,
50. hobane ba ne ba mmona bohle, mme ba tshoha.Empa a phakisa a bua le bona, a re: “Kgobang matshwafo, ke nna; se tshabeng!”
51. A kena ho bona ka sekepeng, mme moya wa teba; ba hlollwa ka ho fetisisa,
52. hobane ba ne ba sa ka ba utlwisisa taba ya dinkgwa, pelo tsa bona di thatafetse.
53. Hoba ba tshele, ba fihla lebopong la Genesareta, mme ba emisa teng.
54. Hoba ba tswe ka sekepeng, batho ba tseba Jesu hanghang,
55. ba matha sebakeng seo sohle, mme ba qala ho mo tlisetsa ba kulang ka diphate hohle moo ba utlwelang hore o hona teng.
56. Kae le kae moo a neng a kena metseng le metsaneng le hohle, ba bea bakudi mabaleng a metse, ba mo rapela hore a ba dumelle ho ama leha e le qola ya seaparo sa hae feela, mme bohle ba mo amileng ba fola.