30. hobane ba ne ba itse: “O na le moya o ditshila.”
31. Yaba mma Jesu le bana babo Jesu ba a fihla; ba ema kantle, ba mo laetsa hore a tle ho bona.
32. Letshwele le ne le mo potapotile, mme la re ho yena: “Mmao le bana beno ke bana, ba teng kantle, ba a o batla.”
33. A araba, a re: “Mme ke mang? Bana beso ke bo-mang?”