Mareka 3:28-35 BIBELE (SSO89SO)

28. “Kannete ke le bolella hore bana ba batho ba tla tshwarelwa dibe tsohle le dinyefolo tsohle tseo ba di buang,

29. empa mang kapa mang ya nyefolang Moya o Halalelang a ke ke a tshwarelwa ho isa kgale; o molato wa sebe se sa feleng,”

30. hobane ba ne ba itse: “O na le moya o ditshila.”

31. Yaba mma Jesu le bana babo Jesu ba a fihla; ba ema kantle, ba mo laetsa hore a tle ho bona.

32. Letshwele le ne le mo potapotile, mme la re ho yena: “Mmao le bana beno ke bana, ba teng kantle, ba a o batla.”

33. A araba, a re: “Mme ke mang? Bana beso ke bo-mang?”

34. Ba mo etseditseng sakanalankope a ba ya ka mahlo, a re: “Mme le bana beso ke bana!

35. Mang kapa mang ya etsang thato ya Modimo ke yena eo e leng ngwaneso, le kgaitsedi, le mme.”

Mareka 3