Mareka 2:12-26 BIBELE (SSO89SO)

12. Hanghang a tsoha, a nka diphate tsa hae, a tswa, bohle ba mo tadimile, hoo ba ileng ba hlollwa haholo, mme ba tlotlisa Modimo, ba re: “Ha re eso bone ntho e tjena!”

13. Jesu a boela a ya lebopong la letsha; letshwele lohle la tla ho yena, mme a le ruta.

14. Yare ha a feta a bona Levi, mora wa Alefiose, a dutse tlung ya lekgetho, mme a re ho yena: “Ntatele!” A ema, mme a mo latela.

15. Ha a le dijong ha Levi, balekgetho le baetsadibe ba bangata ba ne ba mo latetse.

16. Ditsebi tsa Molao, tseo e neng e le Bafarisi, ha di bona hore o ja le baetsadibe le balekgetho, tsa re ho barutuwa ba hae: “Ke ka baka lang ha a eja le balekgetho le baetsadibe?”

17. Jesu ha a utlwa, a re ho tsona: “Ba hlokang ngaka ke ba kulang, e seng ba phelang hantle. Ke tlile ho bitsa baetsadibe, e seng ba lokileng.”

18. Barutuwa ba Johanne le Bafarisi ba ne ba itima dijo. Batho ba tla, mme ba re ho Jesu: “Ke ka baka lang ha barutuwa ba Johanne le ba Bafarisi ba itima dijo, empa barutuwa ba hao ba sa itime?”

19. Jesu a re ho bona: “Na baetsana ba ka itima dijo ha monyadi a ntse a ena le bona? Ha monyadi a ntse a ena le bona ba ke ke ba itima dijo.

20. Ho tla tla matsatsi ao ka wona monyadi a tla tloswa ho bona, mme mohlang oo ba tla itima dijo.

21. “Ha ho motho ya rokellang setsiba sa lesela le letjha seaparong sa kgale; esere setsiba se setjha sa nathola seaparo sa kgale, mme sa eketsa ho taboha.

22. Ha ho motho ya tshelang veine e ntjha makukeng a kgale; esere veine ya phatlola makuka, mme veine le makuka tsa senyeha. Empa veine e ntjha e tshwelwa makukeng a matjha!”

23. Ka letsatsi le leng la Sabatha Jesu a feta hara masimo a koro, mme barutuwa ba hae ba qala ho kga matshohlo ha ba ntse ba tsamaya.

24. Bafarisi ba re ho yena: “Bona, ke ka baka lang ha ba etsa se sa dumellwang ka letsatsi la Sabatha?”

25. A re ho bona: “Na ha le eso ka le bala seo Davida a neng a se etse, mmoho le bao a neng a ena le bona, ha ba lapile, mme ba hloka se jewang;

26. kamoo a neng a kene ka Tlung ya Modimo kateng, mehleng ya Moprista e Moholo Abiatare, a ja bohobe bo halalelang e leng boo a neng a sa dumellwa ho bo ja, bo jewa ke baprista feela, a ba a fa le bao a neng a ena le bona?”

Mareka 2