1. Ha Sabatha se fetile, Maria wa Magadala, le Maria mma Jakobo, le Salome ba reka dinoko ho ya tlotsa setopo sa Jesu.
2. E sa le hoseng haholo, ka letsatsi le qalang beke, ba tla lebitleng ha letsatsi le tjhaba.
3. Ba ne ba botsana, ba re: “Ke mang ya tla re phikolosetsa lejwe le monyako wa lebitla?”
4. Yare ha ba tadima, ba bona lejwe le se le phikolositswe; le ne le le leholo haholo.
5. Ha ba kena ka lebitleng, ba bona mohlankana ya dutseng ka lehlakoreng le letona, a apere seaparo se sesweu, mme ba makala.
6. Empa yena a re ho bona: “Se makaleng! Le batla Jesu wa Nasaretha ya thakgisitsweng: O tsohile, ha a yo mona. Bonang sebaka seo a neng a beilwe ho sona ke sena.
7. Le mpe le yo bolella barutuwa ba hae le Petrose, le re: <O le etella pele ho ya Galelea; le tla mmona teng, jwalokaha a le boleletse!> ”