27. Dinokwane tse pedi tsa thakgiswa le yena, se seng ka letsohong le letona, se seng ka ho le letshehadi.
28. Ha ba ha phethahala Mangolo a reng: “O baleletswe le ba kgopo.”
29. Ba fetang ka tsela ba mo nyefola, ba ntse ba sisinya dihlooho, ba re: “Aha! Wena ya qhaqhang Tempele, mme o e tsose ka matsatsi a mararo,
30. ipholose he, ka ho theoha sefapanong!”
31. Ka mokgwa o jwalo le baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao ba ne ba buisana, ba mo soma, ba re: “O pholositse ba bang, empa yena o sitwa ho ipholosa!
32. Kreste, kgosi ya Iseraele, ha a ke a theohe sefapanong jwale, e le hore re bone, mme re dumele!” Le bona ba thakgisitsweng le yena ba mo hlapaola.
33. Ka hora ya leshome le metso e mmedi, lefifi la aparela lefatshe lohle ho fihlela ka hora ya boraro.
34. Yaba ka hora ya boraro Jesu o meketsa ka lentswe le phahameng, o re: “Eloi, Eloi, lema sabakthani?” e leng ho re: “Modimo wa ka, Modimo wa ka, o ntahletseng na?”
35. Ba bang ba neng ba eme moo, ha ba mo utlwa, ba re: “Utlwang, o bitsa Elia!”
36. E mong wa bona a phakisa a matha, a ina semonyametsi aseneng, a se hloma leqaleng, mme a mo nea hore a nwe, a re: “Lesang, re ke re bone hore na Elia o tla mo fanyolla.”