Mareka 12:38-44 BIBELE (SSO89SO)

38. Thutong ya hae Jesu a re: “Hlokomelang Ditsebi tsa Molao! Ke batho ba ratang ho itsamaela ka diaparo tse phuphuthang le ho dumediswa mabaleng a metse;

39. ba batlang ditulo tse hlomphehang matlung a thapelo le ditulo tse kapele meketeng;

40. ba hapang matlo a basadi ba bahlolohadi, leha ba ntse ba etsa dithapelo tse telele tsa boikaketsi. Ba tla ahlolwa ka ho fetisisa.”

41. Jesu a ya dula malebana le letlole la matlotlo, a tadima kamoo letshwele le nokelang tjhelete letloleng kateng. Barui ba bangata ba ne ba nokela e ngata.

42. Ha tla mosadi e mong wa mohlolohadi ya futsanehileng; a nokela tjheletana tse pedi, tse ka lekanang le sente.

43. Yaba Jesu o bitsa barutuwa ba hae, o re ho bona: “Kannete ke a le bolella, mosadi eo wa mohlolohadi, ya futsanehileng, o noketse ho feta bohle ba nokelang letloleng,

44. hobane bohle ba noketse ba nkile bonkong, athe yena o noketse a nkile bohloking, tsohle tseo a neng a ena le tsona, sohle seo a neng a tla phela ka sona.”

Mareka 12