31. Ya bobedi ke ena: <Rata mohaeno jwalokaha o ithata.> Ha ho taelo e nngwe e kgolo ho feta tsena.”
32. Setsebi sa Molao sa re ho yena: “O nepile, Moruti, o buile nnete ha o re, <Modimo o mong, ha ho e mong kantle ho yena,>
33. mme <ho mo rata ka pelo yohle, le ka kelello yohle, le ka matla wohle, le ho rata mohahabo rona jwalokaha re ithata,> ho feta ditjheso tsohle le mahlabelo wohle.”
34. Jesu ha a bona hore o arabile ka bohlale, a re ho yena: “Ha o hole le Mmuso wa Modimo.” Ha ho a ka ha hlola ho eba le ya betang pelo ho mmotsa.
35. Jesu ha a ntse a ruta ka Tempeleng, a botsa, a re: “Ditsebi tsa Molao di bolela jwang hore Kreste ke Mora wa Davida?
36. Davida, ka tataiso ya Moya o Halalelang, o ile a re:“ <Morena o itse ho Morena wa ka:Dula ka letsohong la ka le letona,ho fihlela ke bea dira tsa haokatlasa maoto a hao.>